Johanne 6:15-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Jesu ha a tseba hobane ba se ba ya mo nka ka matla ba tle ba mmee morena, a boela a ya thabeng a notshi.

16. Yare mantsiboya barutuwa ba hae ba theohela lewatleng.

17. Ba kena sekepaneng se seng, ba re ba tshela lewatle ho ya Kapernauma. Shwalane ya ba tshwara, Jesu a eso ho tle ho bona,

Johanne 6