Johanne 6:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, Jesu a ya mose wane wa lewatle la Galelea, e leng la Tiberiase.

2. Bongata bo boholo ba mo latela, kahobane ba ne ba bona mehlolo eo a e etsang ho ba kulang.

3. Mme Jesu a nyolohela thabeng, a dula teng le barutuwa ba hae.

4. Mme Paseka, mokete wa Bajuda, e ne e le haufi.

5. Yaba Jesu o emisa mahlo a hae, mme ha a bona hobane bongata bo boholo bo ntse bo etla ho yena, a re ho Filipi: Na re tla reka mahobe kae, batho bana ba tle ba je?

6. O ne a bua jwalo ka ho mo leka, hobane a ne a tseba seo a tla se etsa.

7. Filipi a mo araba, a re: Mahobe a didenare tse makgolo a mabedi a ke ke a ba lekana, hore e mong le e mong wa bona a nke ho honyenyane.

Johanne 6