Johanne 5:35-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Johanne e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ithatetse ho nyakalla leseding la hae ka mehla e se mekae.

36. Empa nna, ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne; hobane mesebetsi eo ke e neilweng ke Ntate hore ke e etse, yona mesebetsi eo ke e etsang, ke yona e mpakang hore Ntate o nthomile.

37. Le yena Ntate ya nthomileng o a mpaka; ha le eso ho ka le utlwa lentswe la hae, mme ha le eso ho ka le bona sefahleho sa hae le ka mohla o le mong.

38. Mme lentswe la hae ha le dule ho lona, hobane ha le dumele eo a mo romileng.

39. Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang.

40. Empa ha le rate ho tla ho nna le tle le be le bophelo.

41. Ha ke amohele thoriso e tswang ho batho;

42. empa ke a le tseba hobane lerato la Modimo ha le yo ho lona.

43. Nna ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ekare ha e mong a etla ka lebitso leo e leng la hae, feela yena le tla mo amohela.

44. Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?

45. Le se ke la lekanya ekaba ke nna ke tla le qosa pela Ntate; ya le qosang o teng, ke Moshe eo le mo tshepileng.

46. Hola le dumela ho Moshe, le ho nna le ka be le dumela; hobane o ngodile taba tsa ka.

47. Empa ekare ha le sa dumele mangolo a hae, le ka dumela mantswe a ka jwang?

Johanne 5