Johanne 5:26-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Hobane jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le yena Mora hore a be le bophelo ka ho yena;

27. o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le yena Mora motho.

28. Se makaleng ke hoo; hobane nako e a tla eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae;

29. mme ba tla tswa ho wona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, mme ba entseng hampe ba tsohele tsuo.

30. Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng.

31. Ekare ha ke ipaka, ho paka ha ka hase ha nnete.

32. E mong o teng ya mpakang, mme ke tseba hobane bopaki boo a mpakang ka jona ke ba nnete.

33. Lona le rometse ho Johanne, mme o pakile nnete.

34. Haele nna, ha ke amohele bopaki ho motho, ke mpa ke bolela taba tsena hore le tle le bolokehe.

35. Johanne e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ithatetse ho nyakalla leseding la hae ka mehla e se mekae.

36. Empa nna, ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne; hobane mesebetsi eo ke e neilweng ke Ntate hore ke e etse, yona mesebetsi eo ke e etsang, ke yona e mpakang hore Ntate o nthomile.

37. Le yena Ntate ya nthomileng o a mpaka; ha le eso ho ka le utlwa lentswe la hae, mme ha le eso ho ka le bona sefahleho sa hae le ka mohla o le mong.

38. Mme lentswe la hae ha le dule ho lona, hobane ha le dumele eo a mo romileng.

39. Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang.

40. Empa ha le rate ho tla ho nna le tle le be le bophelo.

Johanne 5