Johanne 5:18-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ka baka leo, Bajuda ba thoothelwa ho mmolaya, ka hore, ha a tlole molao wa Sabatha feela, empa o bile o re, Modimo ke Ntatae ka sebele, mme o iketsa ya lekanang le Modimo.

19. Jesu a araba ke hona, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora o sitwa ho etsa letho a nnotshi, ha a sa ka a le bona le etswa ke Ntatae; hobane tsohle tse etswang ke Ntate, Mora o di etsa jwalo le yena.

20. Hobane Ntate o rata Mora, mme o mmontsha tsohle tseo yena a di etsang; o tla mmontsha le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale.

21. Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.

22. Hobane Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo yohle,

23. hore bohle ba hlonephe Mora, jwalokaha ba hlonepha Ntate. Ya sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ya mo romileng.

24. Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.

25. Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.

26. Hobane jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le yena Mora hore a be le bophelo ka ho yena;

27. o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le yena Mora motho.

28. Se makaleng ke hoo; hobane nako e a tla eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae;

29. mme ba tla tswa ho wona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, mme ba entseng hampe ba tsohele tsuo.

30. Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng.

31. Ekare ha ke ipaka, ho paka ha ka hase ha nnete.

32. E mong o teng ya mpakang, mme ke tseba hobane bopaki boo a mpakang ka jona ke ba nnete.

Johanne 5