1. Kamora tseo, mokete o mong wa Bajuda wa eba teng; mme Jesu a nyolohela Jerusalema.
2. Letsha le teetsweng hare ke mekgoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema, monyakong wa Dinku, le bitswang Bethesda ka Seheberu.
3. Ho ne ho sekame ho yona bongata bo boholo jwa batho ba kulang, difofu, le dihlotsa, le ba omeletseng ditho, [ba neng ba ntse ba lebeletse phuduo ya metsi.
4. Hobane lengeloi le ne le ye le theohele letsheng ka mehla e meng, le fudue metsi, mme ya neng a kena letsheng pele, hobane metsi a fuduwe, o ne a fodiswa, leha a ne a kula ke lefu lefe le lefe].
5. Monna e mong o ne a le teng moo, ya kutseng ka dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.
6. Jesu ha a mmona a sekame, mme a tseba hobane e se e le nako e telele a kula, a re ho yena: Na o rata ho fola na?
7. Ya kulang a mo araba, a re: Morena, ha ke na motho ya nkenyang letsheng, ha metsi a sa tswa fuduwa; ke re ke sa tla teng, e mong a theohele pele ho nna.
8. Jesu a re ho yena: Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye.
9. Monna eo a hla a fola hang, a nka diphate tsa hae, a tsamaya.
10. Athe letsatsi leo ya be e le Sabatha. Yaba Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: Ke Sabatha, ha o a lokela ho jara diphate tsa hao.
11. A ba araba, a re: Ya mphodisitseng ke yena ya itseng ho nna: Nka diphate tsa hao, o tsamaye.
12. Ba mmotsa, ba re: Ke mang motho ya itseng ho wena: Nka diphate tsa hao, o tsamaye?
13. Ya fodisitsweng o ne a sa mo tsebe hore ke mang; hobane Jesu o ne a nyametse hara bongata bo neng bo le moo.
14. Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele.
15. Monna eo a ya tsebisa Bajuda hobane ya mo fodisitseng ke Jesu.
16. Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba rata ho mmolaya, kahobane a ne a etsa tse jwalo ka Sabatha.
17. Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa sebetsa le jwale, le nna ke a sebetsa.