29. Tloong, le bone motho ya mopleletseng tsohle tseo ke di entseng. Na e ke se be ke yena Kreste?
30. Yaba ba tswa motseng, mme ba tla ho Jesu.
31. Lekgatheng leo, barutuwa ba hae ba ne ba mo rapela, ba re: Rabbi, ako je.
32. A re ho bona: Nna ke na le sejo seo ke se jang, seo lona le sa se tsebeng.
33. Yaba barutuwa ba botsana, ba re: Hleka e mong o kile a mo tlisetsa dijo na?
34. Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.
35. Ana ha le re, kgwedi di sa le nne, mme etlaba e se e le kotulo? Empa ke re ho lona: Emisang mahlo a lona, le tadime masimo, hobane a se a sweufaletse ho kotulwa.
36. Ya kotulang o nka moputso, mme o bokellela bophelo bo sa feleng dijo, hore ya jalang a thabe hammoho le ya kotulang.
37. Hobane ke moo ho netahalang polelo ena e reng: E mong o a jala, mme e mong o a kotula.
38. Ke le romile ho kotula moo le sa kang la sebetsa teng; ba bang ba sebeditse, mme lona le keneletse mosebetsing wa bona.
39. Basamaria ba bangata ba motse oo ba dumela ho yena, ka baka la polelo e boletsweng ke mosadi eo, ha a itse: O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng.
40. Ka baka leo, eitse ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo rapela, ba re, a dule le bona; mme a hlola ditshiu di le pedi teng.
41. Ha ba ha dumela ho yeua ka baka la polelo ya hae ba bangata ho fetisa ba pele.
42. Ba ne ba re ho mosadi: Ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao; hobane re ikutlwetse, mme re a tseba hobane enwa ke Kreste ruri, Mmoloki wa lefatshe.
43. Eitse ha matsatsi a mabedi a fetile, a tloha teng, a ya Galelea.
44. Hobane le yena Jesu o ne a boletse, a re: Moporofeta ha a bokwe naheng ya habo.
45. Eitse ha a fihla Galelea, Bagalelea ba mo amohela, kahobane ba ne ba bone tsohle tseo a di entseng Jerusalema mohla mokete; hobane le bona ba ne ba ile moketeng.
46. Jesu a boela a tla Kana wa Galelea, moo a neng a fetotse metsi veine. Mme kgosana e ne e le teng, eo mora wa yona a kulang Kapernauma.
47. Monna eo eitse ha a utlwa hobane Jesu o fihlile Galelea, a etswa Judea, a tla ho yena, a mo rapela, a re, a theohe, a ye ho fodisa mora wa hae; hobane o ne a se a le makgatheng a ho shwa.
48. Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela.
49. Kgosana ya re ho yena: Morena, ako theohe, ngwana ka a eso ho shwe.