Johanne 4:19-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Mosadi a re ho yena: Morena, ke a bona hobane o moporofeta.

20. Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema.

21. Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le sa tlo ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema.

22. Lona, le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang; hobane poloko e tswa ho Bajuda.

23. Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo.

24. Modimo ke Moya: ba o rapelang e ka kgona ba rapele ka moya le ka nnete.

25. Mosadi a re ho yena: Ke a tseba hobane Messia, ya bitswang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle.

26. Jesu a re ho yena: Ke nna, ya buang le wena.

27. Yaba barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ka hoba a ne a bua le mosadi; leha ho le jwalo, ha ho a ka ha eba ya reng ho yena: O batlang? kapa: O buelang le yena?

28. Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, a ya motseng, a re ho batho:

29. Tloong, le bone motho ya mopleletseng tsohle tseo ke di entseng. Na e ke se be ke yena Kreste?

30. Yaba ba tswa motseng, mme ba tla ho Jesu.

31. Lekgatheng leo, barutuwa ba hae ba ne ba mo rapela, ba re: Rabbi, ako je.

32. A re ho bona: Nna ke na le sejo seo ke se jang, seo lona le sa se tsebeng.

33. Yaba barutuwa ba botsana, ba re: Hleka e mong o kile a mo tlisetsa dijo na?

34. Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.

35. Ana ha le re, kgwedi di sa le nne, mme etlaba e se e le kotulo? Empa ke re ho lona: Emisang mahlo a lona, le tadime masimo, hobane a se a sweufaletse ho kotulwa.

36. Ya kotulang o nka moputso, mme o bokellela bophelo bo sa feleng dijo, hore ya jalang a thabe hammoho le ya kotulang.

Johanne 4