1. Eitse ha Morena a tseba hobane bafarisi ba utlwile ha ho thwe: Jesu o fetisa Johanne ka ho etsa barutuwa le ka ho kolobetsa, —
2. leha e ne e se yena Jesu ya kolobetsang, empa e le barutuwa ba hae, —
3. a tloha Judea, mme a boela a ya Galelea.
4. E ne e ka kgona a haole ka Samaria.
5. Yaba o fihla motseng wa Samaria, o bitswang Sikare, haufi le naha eo Jakobo a neng a e nee Josefa, mora wa hae.
6. Sediba sa Jakobo se teng moo. Jesu, kahobane a ne a kgathetse ke tsela, a dula pela sediba; e ne e batla e le hora ya botshelela.
7. Jwale mosadi e mong wa Samaria a tla kga metsi, Jesu a re ho yena: Mphe, ke nwe.
8. Hobane barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo.
9. Mosadi eo wa Samaria a re ho yena: Ere o le Mojuda, o qela jwang metsi ho nna, ke le mosadi wa Samaria? Athe Bajuda ha ba kopane le Basamaria.
10. Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang.
11. Mosadi a re ho yena: Morena, ha o na sekgello sa ho kga, le sediba se sekoti; metsi ao a kollang o a nkile kae na?
12. Na o moholo ho ntata rona Jakobo, ya re neileng sediba sena, a ba a nwa ho sona ka sebele sa hae, le bara ba hae, le dikgomo tsa hae?
13. Jesu a mo araba, a re: E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla boela a nyorwe.
14. Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.
15. Mosadi a re ho yena: Morena, mphe metsi ao, ke tle ke se hlole ke nyorwa, mme ke se hlole ke tla kga mona.
16. Jesu a re ho yena: Ya bitsa monna wa hao, mme le tle kwano.
17. Mosadi a araba, a re: Ha ke na monna. Jesu a re ho yena: O boletse hantle, ha o itse: Ha ke na monna.