8. Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.
9. Nikodema a araba, a re ho yena: Tseo di ka etswa jwang na?
10. Jesu a araba, a re ho yena: Wena o moruti wa Iseraele, mme ha o tsebe taba tseo!
11. Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona.
12. Ekare ha ke le bolella tsa lefatshe, mme le sa dumele, na le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo?
13. Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong.
14. Mme jwalokaha Moshe a ne a fanyehe noha feelleng, Mora motho e ka kgona a fanyehwe jwalo;
15. hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
16. Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
17. Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatshe le bolokwe ke yena.
18. Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; empa ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane ha a ka a dumela lebitso la Mora Modimo ya tswetsweng a nnotshi.
19. Mme kahlolo ke yona ena: Lesedi le tlile lefatsheng, mme batho ba ratile lefifi ho lesedi, kahobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe.
20. Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa.
21. Empa ya etsang nnete, o tla leseding, mesebetsi ya hae e tle e bonahatswe hore e etseditswe Modimo.
22. Kamora tseo, Jesu a tla lefatsheng la Judea, a ena le barutuwa ba hae, mme a hlola teng le bona, a kolobetsa.
23. Johanne le yena o ne a kolobetsa Enone, haufi le Salime, kahobane metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla teng, ba kolobetswa.