Johanne 3:31-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle, ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua e le wa lefatshe; ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle.

32. Seo a se boneng, le seo a se utlwileng, o a se paka; empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.

33. Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke wa nnete.

34. Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.

35. Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong.

36. Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.

Johanne 3