Johanne 3:13-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong.

14. Mme jwalokaha Moshe a ne a fanyehe noha feelleng, Mora motho e ka kgona a fanyehwe jwalo;

15. hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.

16. Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.

17. Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatshe le bolokwe ke yena.

18. Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; empa ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane ha a ka a dumela lebitso la Mora Modimo ya tswetsweng a nnotshi.

19. Mme kahlolo ke yona ena: Lesedi le tlile lefatsheng, mme batho ba ratile lefifi ho lesedi, kahobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe.

20. Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa.

21. Empa ya etsang nnete, o tla leseding, mesebetsi ya hae e tle e bonahatswe hore e etseditswe Modimo.

22. Kamora tseo, Jesu a tla lefatsheng la Judea, a ena le barutuwa ba hae, mme a hlola teng le bona, a kolobetsa.

23. Johanne le yena o ne a kolobetsa Enone, haufi le Salime, kahobane metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla teng, ba kolobetswa.

24. Hobane Johanne o ne a eso ho kenngwe teronkong.

25. Yaba ho hlaha kgang ka taba ya phekolo mahareng a barutuwa ba Johanne le Mojuda e mong.

26. Ba ya ho Johanne, ba re ho yena: Rabbi, ya neng a na le wena mose wane wa Jordane, eo o neng o mo pake, bona, ke enwa o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.

27. Johanne a araba, a re: Motho o sitwa ho nka letho, ha a sa le newe ke lehodimo.

28. Ke lona ka sebele le leng dipaki tsa ka tsa hobane ke boletse, ka re: Hase nna Kreste, ke mpa ke romilwe ho mo etella pele.

29. Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.

30. E ka kgona yena a hole, mme nna ke bobe.

Johanne 3