Johanne 3:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Monna e mong wa bafarisi, e leng kgosana ya Bajuda, o ne a le teng, lebitso la hae e le Nikodema.

2. A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.

3. Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho bona mmuso wa Modimo.

4. Nikodema a re ho yena: Na motho a ka tswalwa jwang ha a se a tsofetse? Na a ka boela a kgutlela popelong ya mmae, a boela a tswalwa?

5. Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.

6. Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya.

7. Se makale, ha ke re ho wena: E ka kgona le tswalwe la bobedi.

8. Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.

9. Nikodema a araba, a re ho yena: Tseo di ka etswa jwang na?

10. Jesu a araba, a re ho yena: Wena o moruti wa Iseraele, mme ha o tsebe taba tseo!

11. Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona.

12. Ekare ha ke le bolella tsa lefatshe, mme le sa dumele, na le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo?

13. Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong.

Johanne 3