Johanne 21:3-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Simone Petrose a re ho bona: Ke ya tshwasa dihlapi. Ba re ho yena: Le rona re ya le wena. Yaba ba ya, ba kena sekepaneng; empa ha ba ka ba tshwasa letho bosiung boo.

4. Eitse kameso, Jesu a tshoha a ema lebopong; empa barutuwa ba ne ba sa tsebe hobane ke Jesu.

5. Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe.

Johanne 21