12. Jesu a re ho bona: Tloong, le je. Mme ho ne ho se e mong ho barutuwa ba hae ya betang pelo ho mmotsa hore: O mang? Hobane ba ne ba tseba hobane ke Morena.
13. Yaba Jesu o tla, a nka bohobe, a ba nea bona, le dihlapi jwalo.
14. Leo e ne e se e le la boraro leo Jesu a ipontshitseng ho barutuwa ba hae, hobane a tsohe bafung.
15. Yare hobane ba qete ho ya, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata haholo ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dikonyana tsa ka.
16. A re ho yena la bobedi: Simone, mora Jona, a o a nthata na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Disa dinku tsa ka.
17. A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.
18. Kannetenete ke re ho wena: Enereha o sa le motjha, o ne o itlama o nnotshi, o itsamaela moo o ratang teng; empa etlare hobane o tsofale, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o tlama, a o ise moo o sa rateng teng.
19. O ne a rialo a lekanya mofuta wa lefu leo Petrose a tla tlotlisa Modimo ka lona. Yare hobane Jesu a bolele tseo, a re ho yena: Ntatele!
20. Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa ya ratwang ke Jesu a latetse; ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa hae mohla selallo, a re: Morena, ke mang ya tla o eka?
21. Yare Petrose ha a mmona, a re ho Jesu: Morena, ho tla ba jwang ho eo?
22. Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele.
23. Kahoo, polelo ena ya nna ya tsamaya hara baena e reng, morutuwa eo ha a ka ke a shwa. Empa Jesu o ne a sa ka a mmolella hore yena a ke ke a shwa; empa o ne a itse: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena?