1. Kamora tseo, Jesu a boela a ipontsha ho barutuwa ba hae pela lewatle la Tiberiase; a ipontsha ka mokgwa ona:
2. Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele, wa Kana wa Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba bang ba babedi ba ne ba le hammoho.
3. Simone Petrose a re ho bona: Ke ya tshwasa dihlapi. Ba re ho yena: Le rona re ya le wena. Yaba ba ya, ba kena sekepaneng; empa ha ba ka ba tshwasa letho bosiung boo.
4. Eitse kameso, Jesu a tshoha a ema lebopong; empa barutuwa ba ne ba sa tsebe hobane ke Jesu.
5. Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe.
6. Yaba o re ho bona: Akgelang letlowa pela lehlakore le letona la sekepana, mme le tla di bona. Yaba ba le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba dihlapi.
7. Morutuwa ya ratwang ke Jesu a re ho Petrose: Ke Morena. Yare ha Simone Petrose a utlwa hoba ke Morena, a apara kojwana ya hae, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela lewatleng.
8. Barutuwa ba bang ba tla le sekepana, ba ntse ba hula letlowa le dihlapi; hobane ba ne ba se hole le lefatshe, ditswe di ne di ka ba makgolo a mabedi.
9. Eitse hobane ba fihle lebopong, ba bona mashala a hlenneng, dihlapi di beilwe hodima wona, le bohobe.