4. Jesu a re ho yena: Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? Nako ya ka ha e eso ho tle.
5. Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.
6. Dinkgo tsa majwe tse tsheletseng di ne di le teng, tseo Bajuda ba itlhatswang ho tsona; e nngwe le e nngwe e ne e tlatswa ke ditekanyo tse pedi, kapa tse tharo.
7. Jesu a re ho bona: Tlatsang dinkgo tseo ka metsi. Ba di tshela, tsa ba tsa tlala.
8. Yaba o re ho bona: Kgang jwale, le isetse monga mokete. Mme ba mo isetsa.
9. Yare ha monga mokete a latswa metsi a fetohileng veine, a sa tsebe moo e tswang teng, ho tsejwa ke bahlanka feela ba kgileng metsi, monga mokete a bitsa monyadi,
10. a re ho yena: Batho bohle ba ye ba bee veine e monate pele, mme ere hobane ho nowe haholo, ebe hona ho tliswang e botswa: wena veine e monate o e bolokile ho fihlela jwale.
11. Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.
12. Kamora tseo, ba theohela Kapernauma, e le yena le mmae, le banababo, le barutuwa ba hae; mme ba hlola teng matsatsi a se makae.
13. Paseka ya Bajuda e ne e le haufi; yaba Jesu o nyolohela Jerusalema.
14. A fumana tempeleng batho ba bapatsang ka dikgomo le ka dinku le ka maeba, le ba ananyang ditjhelete ba dutse teng.
15. Hobane a etse phafa ya maratswana, a ba phahla kaofela tempeleng, le dinku le dikgomo; mme ditjhelete tsa ba ananyang a di tsholla, a rapalatsa le ditafole.