7. Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.
8. Pilato ha a utlwa polelo eo, a eketsa ho tshaba.
9. A boela a kena kgotla, a re ho Jesu: O wa hokae na? Empa Jesu ha a ka a mo nea karabo.
10. Pilato a re ho yena: Na ha o bue le nna keng? Na ha o tsebe hobane ke na le matla a ho o thakgisa, le matla a ho o lokolla?
11. Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.
12. Jwale, Pilato a batla kamoo a ka mo lokollang kateng; empa Bajuda ba howa, ba re: Ha o lokolla enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya ipeang morena, o hana Sesare.
13. Eitse ha Pilato a utlwa taba eo, a ntshetsa Jesu ntle, mme a dula setulong sa kahlolo, nqalong e bitswang Letlapa, ka Seheberu ke Gabatha.
14. E ne e le letsatsi la ho hlekela Paseka, hora yona e batlile ho ba ya botshelela. Pilato a re ho Bajuda: Bonang, morena wa lona ke eo!
15. Empa ba howa, ba re: Mo tlose, mo tlose, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Ke thakgise morena wa lona na? Baprista ba baholo ba araba, ba re: Ha re na morena, haese Sesare.
16. Yaba o ba neela yena, hore ba mo thakgise. Mme ba tshwara Jesu, ba ya le yena.
17. Yaba o tswa a jere sefapano sa hae, mme a tla nqalong e bitswang Lehata, eo, ka Seheberu, ho thweng, ke Golgotha.
18. Ba mo thakgisa hona moo, a ena le ba bang ba babedi, e mong ka letsohong la hae le letona, e mong ka ho le letshehadi, Jesu yena a le hare.
19. Pilato a ngola lengolo, a le maneha hodimo sefapanong; ho ne ho ngodilwe hona: Jesu wa Nasaretha, morena wa Bajuda.
20. Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane nqalo eo Jesu a thakgisitsweng ho yona e ne e le haufi le motse; hape, le ne le ngodilwe ka Seheberu, ka Segerike, le ka Selatine.