5. Mme Jesu a tswela ntle a le jwalo, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo ya purepera. Pilato a re ho bona: Bonang, motho ke enwa.
6. Empa baprista ba baholo le bahlanka, yare ha ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise! mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo thakgise; hobane nna ha ke fumane molato ho yena.
7. Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.
8. Pilato ha a utlwa polelo eo, a eketsa ho tshaba.
9. A boela a kena kgotla, a re ho Jesu: O wa hokae na? Empa Jesu ha a ka a mo nea karabo.
10. Pilato a re ho yena: Na ha o bue le nna keng? Na ha o tsebe hobane ke na le matla a ho o thakgisa, le matla a ho o lokolla?
11. Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.