Johanne 19:37-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Hape, lengolo le leng le re: Ba tla bona eo ba mo hlabileng.

38. Kamora tseo, Josefa wa Arimathea, e neng e le morutuwa wa Jesu, a mpa a ipatile ka baka la ho tshaba Bajuda, a kopa ho Pilato, hore a dumellwe ho nka setopo sa Jesu; mme Pilato a mo dumella. Yaba o ya, a tlosa setopo sa Jesu.

39. Nikodema ya neng a tlile pele ho Jesu bosiu, le yena a tla, a jere mira le alooe tse tswakanntsweng, boima ba tsona bo batlile bo etsa ponto tse lekgolo.

Johanne 19