Johanne 19:30-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya.

31. Bajuda ba rapela Pilato hore ba thakgisitsweng ba rojwe meomo, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala difapanong ka Sabatha, hobane ho ne ho hlekelwa yona, mme tsatsi leo la Sabatha e ne e le le leholo.

32. Yaba bahlabani ba tla, ba roba meomo ya wa pele, le ya e mong ya thakgisitsweng le yena.

33. Eitse ha ba etla ho Jesu, hobane ba bone hore o se a shwele, ba se ke ba mo roba meomo.

34. Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona.

35. Ya boneng o pakile; bopaki ba hae ke ba nnete; o tseba hobane o bolela nnete, hore le lona le tle le dumele.

Johanne 19