22. Pilato a araba, a re: Seo ke se ngodileng, ke se ngodile.
23. Jwale bahlabani, hobane ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di etsa karolo tse nne, hore mohlabani e mong le e mong a be le ya hae; ba nka le yona kobo; kobo eo e ne e se na moroko, e lohilwe e teane kahohle.
24. Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.
25. Mma Jesu, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Kleopa, le Maria Magdalena, ba ne ba eme pela sefapano sa Jesu.
26. Jesu ha a bona mmae le morutuwa eo a mo ratang a bapile le yena, a re ho mmae: Mosadi, bona, mora wa hao ke eo.
27. A ntoo re ho morutuwa: Bona, mmao ke eo. Ka nako yona eo, morutuwa eo a mo nkela ka tlung ha hae.
28. Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe.
29. Nkgo e tletseng asene e ne e le teng moo; ba tlatsa seponse ka asene, mme ba se thatela thupeng ya hisopa, ba se isa molomong wa hae.
30. Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya.
31. Bajuda ba rapela Pilato hore ba thakgisitsweng ba rojwe meomo, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala difapanong ka Sabatha, hobane ho ne ho hlekelwa yona, mme tsatsi leo la Sabatha e ne e le le leholo.
32. Yaba bahlabani ba tla, ba roba meomo ya wa pele, le ya e mong ya thakgisitsweng le yena.
33. Eitse ha ba etla ho Jesu, hobane ba bone hore o se a shwele, ba se ke ba mo roba meomo.
34. Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona.