Johanne 19:13-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Eitse ha Pilato a utlwa taba eo, a ntshetsa Jesu ntle, mme a dula setulong sa kahlolo, nqalong e bitswang Letlapa, ka Seheberu ke Gabatha.

14. E ne e le letsatsi la ho hlekela Paseka, hora yona e batlile ho ba ya botshelela. Pilato a re ho Bajuda: Bonang, morena wa lona ke eo!

15. Empa ba howa, ba re: Mo tlose, mo tlose, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Ke thakgise morena wa lona na? Baprista ba baholo ba araba, ba re: Ha re na morena, haese Sesare.

16. Yaba o ba neela yena, hore ba mo thakgise. Mme ba tshwara Jesu, ba ya le yena.

17. Yaba o tswa a jere sefapano sa hae, mme a tla nqalong e bitswang Lehata, eo, ka Seheberu, ho thweng, ke Golgotha.

18. Ba mo thakgisa hona moo, a ena le ba bang ba babedi, e mong ka letsohong la hae le letona, e mong ka ho le letshehadi, Jesu yena a le hare.

19. Pilato a ngola lengolo, a le maneha hodimo sefapanong; ho ne ho ngodilwe hona: Jesu wa Nasaretha, morena wa Bajuda.

20. Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane nqalo eo Jesu a thakgisitsweng ho yona e ne e le haufi le motse; hape, le ne le ngodilwe ka Seheberu, ka Segerike, le ka Selatine.

21. Yaba baprista ba baholo ba Bajuda ba re ho Pilato: Se ngole: Morena wa Bajuda; o mpe o ngole hore ke yena ya itseng: Ke nna morena wa Bajuda.

22. Pilato a araba, a re: Seo ke se ngodileng, ke se ngodile.

23. Jwale bahlabani, hobane ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di etsa karolo tse nne, hore mohlabani e mong le e mong a be le ya hae; ba nka le yona kobo; kobo eo e ne e se na moroko, e lohilwe e teane kahohle.

24. Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.

Johanne 19