Johanne 19:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, Pilato a nka Jesu, a mo shapa.

2. Bahlabani ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo apesa le kobo ya purepera;

3. ba ntoo mo atamela, ba re: Dumela, morena wa Bajuda! Hape ba ne ba mo otla ka thupa.

4. Yaba Pilato o boela a tswela ntle, mme a re ho bona: Bonang, ke mo ntshetsa ntle ho lona, le tle le tsebe hobane ha ke fumane molato ho yena, leha o le mong.

5. Mme Jesu a tswela ntle a le jwalo, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo ya purepera. Pilato a re ho bona: Bonang, motho ke enwa.

6. Empa baprista ba baholo le bahlanka, yare ha ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise! mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo thakgise; hobane nna ha ke fumane molato ho yena.

7. Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.

Johanne 19