Johanne 18:30-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Ba araba, ba re ho yena: Hoja enwa hase sesenyi, re ka be re sa ka ra o neela yena.

31. Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka molao wa lona. Bajuda ba re ho yena: Ha re a dumellwa ho bolaya motho.

32. Ya eba hore polelo e boletsweng ke Jesu e etsahale, eo a lekantseng ka yona mofuta wa lefu leo a tla shwa ka lona.

33. Yaba Pilato o boela a kena kgotla, a bitsa Jesu, a re ho yena: A o morena wa Bajuda na?

34. Jesu a mo araba, a re: Hleka o iqalla taba eo o nnotshi, kapa na ba bang ba o boleletse yona hodima ka na?

35. Pilato a araba, a re: Na ke Mojuda, na? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o neetse nna; o entseng?

36. Jesu a araba, a re: Mmuso wa ka ha o tswe lefatsheng lena; hoja mmuso wa ka o tswa lefatsheng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntwanela, ke tle ke se ke ka neelwa Bajuda; empa jwale, mmuso wa ka hase wa mona.

37. Pilato a re ho yena: Ke ho re, o morena na? Jesu a mo araba, a re: O a bolela, ke morena; ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pake nnete. E mong le e mong eo e leng wa nnete, o utlwa lentswe la ka.

38. Pilato a re ho yena: Nnete ke eng?Eitse hobane a rialo, a boela a tswela ho Bajuda, a re ho bona: Haele nna, ha ke bone molato ho yena, leha o le mong.

39. Empa le na le mokgwa wa hore ke le lokollele motho mohla Paseka; na le rata hore ke le lokollele morena wa Bajuda na?

40. Ba boela ba howa bohle, ba re: E seng yena; e mpe e be Barabase. Athe Barabase e ne e le sesenyi.

Johanne 18