20. Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring.
21. O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke ba boleletseng sona; ke bona ba tsebang seo ke se boletseng.
22. Eitse hobane a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka thupa, a re: Na o araba moprista e moholo jwalo na?
23. Jesu a mo araba, a re: Ha ke buile hampe, bolela bobe ba ka; empa ha ke buile hantle, o nkotlelang na?
24. Anna a ntoo mo romela, a ntse a tlamilwe, ho Kaiafa, moprista e moholo.
25. Haele Simone Petrose, o ne a ntse a eme moo, a ikomositse. Yaba ba re ho yena: Ha o morutuwa e mong wa hae le wena na? A latola, a re: Ha ke yena.
26. E mong wa bahlanka ba moprista e moholo, e leng wa habo eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bona le yena tshimong eo na?
27. Empa Petrose a boela a latola; yaba mokoko o se o lla.
28. Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.
29. Ka baka leo, Pilato a tswela ho bona, a re: Na le qosa motho eo ka dife?
30. Ba araba, ba re ho yena: Hoja enwa hase sesenyi, re ka be re sa ka ra o neela yena.
31. Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka molao wa lona. Bajuda ba re ho yena: Ha re a dumellwa ho bolaya motho.