1. Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.
2. Judase, ya mo ekang, le yena o ne a tseba nqalo eo; hobane Jesu o ne a phuthehetse teng hangata le barutuwa ba hae.
3. Yaba Judase o ya le sehlopha, le bahlanka ba baprista ba baholo le ba bafarisi, a tla ka dilanterene, le ka dirumula, le ka dibetsa.
4. Jesu, kahobane a ne a tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re ho bona: Le batla mang?
5. Ba mo araba, ba re: Jesu wa Nasaretha. Jesu a re ho bona: Ke nna enwa. Le yena Judase ya mo ekang, o ne a eme le bona.
6. Eitse hobane a ba bolelle, a re: Ke nna enwa, ba sutha kasanthao, ba wela fatshe.
7. Yaba o boela a ba botsa, a re: Le batla mang? Ba re: Jesu wa Nasaretha.
8. Jesu a araba, a re: Ke le boleletse hore ke nna enwa. Ha le fela le batla nna, lesang batho bana ba ikele.