Johanne 18:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.

2. Judase, ya mo ekang, le yena o ne a tseba nqalo eo; hobane Jesu o ne a phuthehetse teng hangata le barutuwa ba hae.

3. Yaba Judase o ya le sehlopha, le bahlanka ba baprista ba baholo le ba bafarisi, a tla ka dilanterene, le ka dirumula, le ka dibetsa.

4. Jesu, kahobane a ne a tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re ho bona: Le batla mang?

5. Ba mo araba, ba re: Jesu wa Nasaretha. Jesu a re ho bona: Ke nna enwa. Le yena Judase ya mo ekang, o ne a eme le bona.

6. Eitse hobane a ba bolelle, a re: Ke nna enwa, ba sutha kasanthao, ba wela fatshe.

7. Yaba o boela a ba botsa, a re: Le batla mang? Ba re: Jesu wa Nasaretha.

8. Jesu a araba, a re: Ke le boleletse hore ke nna enwa. Ha le fela le batla nna, lesang batho bana ba ikele.

9. Ya eba hore lentswe le etsahale, leo a neng a le boletse, ha a itse: Ha ke a ka ka lahla le a mong wa bao o nneileng bona.

10. Simone Petrose o ne a ena le sabole; a e tsomola, a hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe e tona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malkuse.

11. Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?

12. Jwale sehlopha, le molaodi wa sekete, le bahlanka ba Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama,

13. ba mo isa ho Anna pele; hobane e ne e le ntata mosadi wa Kaiafa, moprista e moholo wa selemo seo.

Johanne 18