Johanne 17:15-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse bobeng.

16. Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.

17. O ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete.

18. Jwalokaha o nthomile lefatsheng, le nna ke ba romile lefatsheng.

19. Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.

20. Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba tlang ho dumela ho nna ka polelo ya bona,

21. bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile.

22. Kganya eo o nneileng yona, ke ba neile yona, ba tle ba be bang, jwalokaha rona re le bang;

23. nna ke be ho bona, mme wena o be ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng, lefatshe le tle le tsebe hoba o nthomile, le hoba o ba ratile jwalokaha o nthatile.

24. Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.

25. Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile; le bana ba tsebile hoba o nthomile.

26. Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.

Johanne 17