Johanne 17:11-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba sa le lefatsheng; mme nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, boloka ka lebitso la hao bao o nneileng bona, ba tle ba be bang, jwaloka rona.

12. Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale.

13. Empa jwale, ke tla ho wena, mme ke bolela taba tsena ke sa le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka, mme e tlale ho bona.

14. Ke ba file lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.

15. Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse bobeng.

16. Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.

17. O ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete.

18. Jwalokaha o nthomile lefatsheng, le nna ke ba romile lefatsheng.

19. Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.

20. Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba tlang ho dumela ho nna ka polelo ya bona,

21. bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile.

22. Kganya eo o nneileng yona, ke ba neile yona, ba tle ba be bang, jwalokaha rona re le bang;

23. nna ke be ho bona, mme wena o be ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng, lefatshe le tle le tsebe hoba o nthomile, le hoba o ba ratile jwalokaha o nthatile.

Johanne 17