Johanne 16:5-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho e mong ho lona ya mpotsang hore: O ya kae?

6. Empa kahobane ke le boleletse tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi.

7. Leha ho le jwalo, ke le bolella nnete: ho molemo ho lona ha nka ikela; hobane ha ke sa ye, Moemedi a ke ke a tla ho lona; empa ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.

Johanne 16