Johanne 16:26-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Mohlang oo, le tla kopa ka lebitso la ka; mme ha ke le bolelle hore ke tla le rapella ho Ntate;

27. hobane Ntate o a le rata e le yena, kahobane le nthatile, mme le dumetse hoba ke tswa ho Modimo.

28. Ke tswile ho Ntate, ka tla lefatsheng; jwale, ke boela ke tlohela lefatshe, ke ya ho Ntate.

29. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Bona, jwale o bua phatlalatsa; ha o sa bolela dipapiso.

30. Jwale, re a lemoha hobane o tseba tsohle, mme ha o a tshwanelwa ke ho botswa letho ke motho; ke ka baka leo re dumelang hobane o tswa ho Modimo.

31. Jesu a ba araba, a re: Jwale le a dumela.

32. Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna.

33. Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.

34. Le tla ba le mahlomola lefatsheng; le mpe le bete dipelo; ke hlotse lefatshe.

Johanne 16