Johanne 16:26-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Mohlang oo, le tla kopa ka lebitso la ka; mme ha ke le bolelle hore ke tla le rapella ho Ntate;

27. hobane Ntate o a le rata e le yena, kahobane le nthatile, mme le dumetse hoba ke tswa ho Modimo.

28. Ke tswile ho Ntate, ka tla lefatsheng; jwale, ke boela ke tlohela lefatshe, ke ya ho Ntate.

29. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Bona, jwale o bua phatlalatsa; ha o sa bolela dipapiso.

Johanne 16