Johanne 16:14-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Wona o tla ntlotlisa, hobane o tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona.

15. Tsohle tseo Ntate a nang le tsona, ke tsa ka; ke ka baka leo ke itseng: O tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona.

16. Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone, hobane ke ya ho Ntate.

17. Barutuwa ba hae ba bang ba botsana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke ya eng, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone; hape ha a re: Ke ya ho Ntate?

18. Mme ba re: Ke ho reng, ha a re: Ho se ho se hokae? Ha re tsebe seo a se lekanyang.

19. Jesu a tseba hobane ba rata ho mmotsa, a ba a re ho bona: Le botsana seo ke tswa se bolela, ha ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone.

20. Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, mme lefatshe le tla thaba; le tla utlwa bohloko, empa bohloko ba lona bo tla fetoha thabo.

21. Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng.

22. Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona.

23. Ka tsatsi leo, ha le ka ke la mpotsa letho. Kannetenete ke re ho lona: Ntho tsohle tseo le tla di qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.

24. Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.

25. Ke le boleletse taba tseo ka dipapiso; empa nako e a tla, eo ke sa tlo hlola ke bua le lona ka dipapiso; ke mpa ke tla le tsebisa tsa Ntate phatlalatsa.

26. Mohlang oo, le tla kopa ka lebitso la ka; mme ha ke le bolelle hore ke tla le rapella ho Ntate;

27. hobane Ntate o a le rata e le yena, kahobane le nthatile, mme le dumetse hoba ke tswa ho Modimo.

28. Ke tswile ho Ntate, ka tla lefatsheng; jwale, ke boela ke tlohela lefatshe, ke ya ho Ntate.

Johanne 16