12. Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela.
13. Empa etlare hobane eo a tle, e leng Moya wa nnete, o tla le tsamaisa nneteng yohle; hobane o ke ke wa bua o iqalla tsa wona; empa tsohle tseo o di utlwileng, o tla di bolela; le hona o tla le tsebisa tse tla tla.
14. Wona o tla ntlotlisa, hobane o tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona.
15. Tsohle tseo Ntate a nang le tsona, ke tsa ka; ke ka baka leo ke itseng: O tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona.
16. Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone, hobane ke ya ho Ntate.
17. Barutuwa ba hae ba bang ba botsana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke ya eng, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone; hape ha a re: Ke ya ho Ntate?
18. Mme ba re: Ke ho reng, ha a re: Ho se ho se hokae? Ha re tsebe seo a se lekanyang.
19. Jesu a tseba hobane ba rata ho mmotsa, a ba a re ho bona: Le botsana seo ke tswa se bolela, ha ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone.
20. Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, mme lefatshe le tla thaba; le tla utlwa bohloko, empa bohloko ba lona bo tla fetoha thabo.
21. Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng.
22. Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona.
23. Ka tsatsi leo, ha le ka ke la mpotsa letho. Kannetenete ke re ho lona: Ntho tsohle tseo le tla di qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.