Johanne 16:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le boleletse taba tseo, le tle le se ke la kgoptjwa.

2. Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.

3. Ba tla le etsa tseo, ke hobane ha ba tsebe Ntate, leha e le nna.

4. Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ya tsona ha e tlile, le tle le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona esale ho qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lona.

5. Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho e mong ho lona ya mpotsang hore: O ya kae?

6. Empa kahobane ke le boleletse tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi.

7. Leha ho le jwalo, ke le bolella nnete: ho molemo ho lona ha nka ikela; hobane ha ke sa ye, Moemedi a ke ke a tla ho lona; empa ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.

8. Mme etlare hobane yena a tle, o tla kgodisa lefatshe, hore sebe se teng, le ho loka, le kahlolo:

9. sebe se teng, hobane ha ba dumele ho nna;

10. ho loka ho teng, hobane ke ya ho Ntate, mme le ke ke la hlola le mpona;

11. kahlolo e teng, hobane morena wa lefatshe lena o se a ahlotswe.

Johanne 16