3. Lona, le se le hlahotswe ka lentswe leo ke le boleletseng lona.
4. Dulang ho nna, le nna ho lona. Jwaloka lekala ha le sitwa ho beha le nnotshi, ha le sa kgomarele sefate, ho jwalo le lona ha le sa nkgomarele.
5. Ke nna sefate sa morara, mme lona le makala. Ya dulang ho nna, le nna ke dula ho yena, eo o beha haholo; hobane kantle ho nna le ka sitwa ho etsa letho.
6. Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.
7. Ha le dula ho nna, mme mantswe a ka a dula ho lona, le ka kopa seo le se ratang, mme le tla etsetswa sona.
8. Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka.
9. Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka.
10. Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.
11. Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tlale.
12. Molao wa ka ke hoba le ratane, jwalokaha ke le ratile.
13. Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae.
14. Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.
15. Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.
16. Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.
17. Ke le laela tseo, le tle le ratane.
18. Ekare ha lefatshe le le hloya, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lona.
19. Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.