Johanne 15:23-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Ya ntlhoyang, o hloya le Ntate.

24. Hojane ke se ke ka etsa hara bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe; jwale ba bone, mme ba hloile nna le Ntate.

25. Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.

26. Etlare hobane ho tle Moemedi eo ke tla mo roma ho lona, a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.

27. Le lona le tla paka, hobane le bile le nna haesale le ho qaleng.

Johanne 15