Johanne 15:16-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.

17. Ke le laela tseo, le tle le ratane.

18. Ekare ha lefatshe le le hloya, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lona.

19. Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.

20. Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lona; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.

21. Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng.

22. Hojane ke se ke ka tla, ka bua le bona, ba ka be ba se na sebe; empa jwale, ha ba na seo ba ka qobeletsang sebe sa bona ka sona.

23. Ya ntlhoyang, o hloya le Ntate.

24. Hojane ke se ke ka etsa hara bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe; jwale ba bone, mme ba hloile nna le Ntate.

25. Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.

26. Etlare hobane ho tle Moemedi eo ke tla mo roma ho lona, a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.

Johanne 15