Johanne 15:12-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Molao wa ka ke hoba le ratane, jwalokaha ke le ratile.

13. Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae.

14. Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.

15. Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.

16. Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.

17. Ke le laela tseo, le tle le ratane.

18. Ekare ha lefatshe le le hloya, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lona.

19. Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.

20. Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lona; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.

21. Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng.

22. Hojane ke se ke ka tla, ka bua le bona, ba ka be ba se na sebe; empa jwale, ha ba na seo ba ka qobeletsang sebe sa bona ka sona.

Johanne 15