1. Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme molemi ke Ntate.
2. Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.
3. Lona, le se le hlahotswe ka lentswe leo ke le boleletseng lona.
4. Dulang ho nna, le nna ho lona. Jwaloka lekala ha le sitwa ho beha le nnotshi, ha le sa kgomarele sefate, ho jwalo le lona ha le sa nkgomarele.
5. Ke nna sefate sa morara, mme lona le makala. Ya dulang ho nna, le nna ke dula ho yena, eo o beha haholo; hobane kantle ho nna le ka sitwa ho etsa letho.
6. Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.
7. Ha le dula ho nna, mme mantswe a ka a dula ho lona, le ka kopa seo le se ratang, mme le tla etsetswa sona.
8. Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka.
9. Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka.
10. Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.
11. Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tlale.
12. Molao wa ka ke hoba le ratane, jwalokaha ke le ratile.
13. Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae.
14. Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.