5. Thomase a re ho yena: Morena, ha re tsebe moo o yang; tsela re ka e tseba jwang na?
6. Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.
7. Hoja le a ntseba, le ka be le tseba le Ntate; mme ho tloha jwale, le a mo tseba, le bile le mmone.
8. Filipi a re ho yena: Morena, re bontshe Ntate, mme etlaba ho re lekane.
9. Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate?
10. Na ha o dumele hobane ke ho Ntate, le hobane Ntate o ho nna? Mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bolele ke nnotshi; mme Ntate ya dutseng ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi eo ke e etsang.
11. Ntumeleng, hobane ke ho Ntate, le hoba Ntate o ho nna; ho se jwalo, ntumeleng ka baka la yona mesebetsi.
12. Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate;
13. mme tsohle tseo le tla di kopa ka lebitso la ka, ke tla di etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.
14. Ekare ha le kopa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.
15. Ekare ha le nthata, bolokang melao ya ka.
16. Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng;
17. ke ho re, Moya wa nnete, oo lefatshe le sa tlo ka le o amohela, kahobane ha le o bone, mme ha le o tsebe; empa lona le a o tseba, hobane o dula le lona, mme o tla ba ka ho lona.
18. Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona.