Johanne 14:18-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona.

19. Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.

20. Ka tsatsi leo, le tla tseba hobane nna ke ho Ntate, le lona le ho nna, le nna ke ho lona.

21. Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate; le nna ke tla mo rata, mme ke tla ipontsha yena.

22. Judase, e seng Iskariota, a re: Morena, ke kang ha o tla ipontsha rona, o sa ipontshe lefatshe?

23. Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena.

24. Ya sa nthateng, ha a boloke mantswe a ka; mme lentswe leo le le utlwang, hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.

25. Ke le boleletse taba tseo, ke sa dutse le lona;

26. empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.

27. Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.

28. Le utlwile ha ke itse ho lona: Ke a ya, mme ke tla boela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ya ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho nna.

29. Mme jwale ke le boleletse tsona di eso ho hlahe, hore mohla di hlahang, le tle le dumele.

30. Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna.

Johanne 14