5. A ntoo tshela metsi mokekeng, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa ba hae, a a hlakola ka lesela leo a itlamileng ka lona.
6. A tla le ho Simone Petrose; eo a mpa a re ho yena: Morena, na wena o ka hlatswa maoto a ka na?
7. Jesu a mo araba, a re: Seo ke se etsang, ha o se tsebe hona jwale, empa o tla se tseba hamorao.
8. Petrose a re ho yena: O ke ke wa ba wa hlatswa maoto a ka le ka mohla o le mong. Jesu a mo araba, a re: Ekare ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.
9. Simone Petrose a re ho yena: Morena, a e se be maoto a ka feela, e be le wona matsoho le hlooho.
10. Jesu a re ho yena: Ya seng a hlatswitswe ha a sa na ho hlatsuwa, haese maoto feela, mme etlaba o se a hlwekile kahohle. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.
11. Hobane o ne a tseba ya tla mo eka; ke ka baka leo a itseng: Ha le a hlweka bohle.
12. Yare hobane a qete ho hlatswa maoto a bona, a nka kobo ya hae, a boela a dula; mme a re ho bona: Hleka le utlwisisa seo ke le entseng sona na?