Johanne 13:28-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Empa ha ho a ka ha eba le a mong ho ba dutseng dijong, ya utlwisisang moo polelo eo e isang teng.

29. Erekaha Judase e ne e le yena ya nang le mokotlana wa ditjhelete, ba bang ba ne ba lekanya eka Jesu o mmolella, a re: O reke seo re se hlokelang mokete, leha e le se ka newang bafumanehi.

30. Eo a mpa a nka sengwathwana, a phakisa a tswa; e ne e le bosiu.

31. Yare ha Judase a tswile, Jesu a re: Jwale, Mora motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena.

32. Mme ha Modimo o tlotlisitswe ka yena, Modimo o tla mo tlotlisa le yena ho wona, mme o tla phakisa o mo tlotlise.

33. Bana ba ka, ke sa dutse le lona ho se hokae; le tla mpatla, mme jwalokaha ke boleletse Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, lona le ka sitwa ho tla, jwale ke rialo le ho lona.

34. Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona.

35. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuwa ba ka ka sona, ke ha le ratana.

36. Simone Petrose a re ho yena: Morena, o ya kae? Jesu a mo araba, a re: Moo ke yang teng, o ka sitwa ho ntatela jwale; empa hamorao o tla ntatela teng.

37. Petrose a re ho yena: Morena, nka sitwa keng ho o latela jwale? Athe ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao.

38. Jesu a mo araba, a re: O re, o tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Kannetenete ke re ho wena: Mokoko o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.

Johanne 13