Johanne 13:23-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. E mong wa barutuwa ba hae, eo Jesu a mo ratang, o ne a itshetlile sefubeng sa Jesu.

24. Yaba Simone Petrose o mo nyemotsa, hore a botse hoba o bolela mang.

25. Eo, ha a ntse a itshetlehile sefubeng sa Jesu, a mmotsa, a re: Morena, ke mang?

26. Jesu a araba, a re: Ke yena eo ke tla mo nea sengwathwana, hobane ke se qopetse. Eitse hobane a se qopetse, a se nea Judase Iskariota, mora Simone.

Johanne 13