Johanne 13:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong.

2. Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka,

3. Jesu, ka ho tseba hobane Ntatae o mo neile dintho tsohle matsohong, le hobane o tswile ho Modimo, mme o ya ho Modimo,

4. a tsoha selallong, a hlobola kobo ya hae, a nka lesela, mme a itlama ka lona.

Johanne 13