Johanne 12:4-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Yaba e mong wa barutuwa ba hae, Judase Iskariota, mora Simone, ya neng a tla mo eka, o re:

5. Setlolo seo se ne se sa rekeleng didenare tse makgolo a mararo, tsa newa bafumanehi na?

6. A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng.

7. Empa Jesu a re: Mo lese; o se boloketse letsatsi la ho epelwa ha ka.

8. Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.

9. Bajuda ba bangata haholo ba utlwa hore o hona moo, mme ba tla, e seng ho bona Jesu feela, ba tla le ho bona Lasaro eo a neng a mo tsositse bafung.

10. Baprista ba baholo ba mpa ba rera hammoho ho bolaya le yena Lasaro.

11. Hobane Bajuda ba bangata ba ne ba ba tlohela ka baka la hae, mme ba ne ba dumela ho Jesu.

12. Ka hosasane, bongata bo boholo bo tlileng moketeng, yare ha bo utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,

13. ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena!

14. Jesu a fumana petsana ya esele, a e kalla; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe:

15. Se tshabe, moradi wa Sione; bona, Morena wa hao ke eo ya tlang, a kaletse petsana ya esele.

16. Barutuwa ba hae ha ba ka ba utlwisisa taba tseo, hona mohlang oo; empa, eitse hobane Jesu a tlotliswe, ba elellwa hobane taba tseo di ne di ngodilwe hodima hae, le hobane ba mo entse tsona.

17. Bongata bo nang le yena bo ne bo paka hore o bitsitse Lasaro lebitleng, mme o mo tsositse bafung.

18. Ke ka baka leo hape ba bangata ba ileng ho mo kgahlanyetsa, kahobane ba ne ba utlwile mohlolo oo o entsweng ke yena.

19. Bafarisi ba bolellana ke hona, ba re: Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatshe lohle le mo setse morao.

20. Ha bo ho le Bagerike hara ba tlileng moketeng ho rapela.

Johanne 12