Johanne 12:36-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, le tle le fetohe bana ba lesedi.Jesu a bolela taba tseo, a ntoo tloha, a ipatela bona.

37. Leha a ne a entse mehlolo e kalo pontsheng ho bona, ba ne ba sa dumele ho yena;

38. hore ho tle ho etsahale polelo ya moporofeta Esaia, ha a re: Morena, ke mang ya dumetseng seo a se utlwileng ho rona? Mme letsoho la Morena le bonahetse ho mang?

39. Ka baka leo, ba ne ba sitwa ho dumela, hobane Esaia o boetse a re:

40. O foufaditse mahlo a bona, mme o ba thatafaditse dipelo, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.

41. Esaia o boletse taba tseo, mohla a bonang kganya ya hae, mme a bolela tsa hae.

42. Leha ho le jwalo, ba bangata, le hara baholo, ba dumela ho yena; empa ba ne ba sa ipolele ka baka la bafarisi, esere ba lelekwa sinagogeng;

43. hobane ba ratile thoriso e tswang ho batho, ho fetisa thoriso e tswang ho Modimo.

44. Jesu a mpa a howa, a re: Ya dumelang ho nna, ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng.

45. Ya ntadimang, o tadima ya nthomileng.

46. Nna, ke tlile lefatsheng, ke le lesedi, hore e mong le e mong ya dumelang ho nna, a se ke a dula lefifing.

47. Ekare ha e mong a utlwa mantswe a ka, mme a sa dumele, nna ha ke mo ahlole; hobane ha ke a tla ho ahlola lefatshe, empa e le ho pholosa lefatshe.

48. Ya ntahlang, mme a sa amohele mantswe a ka, o na le ya mo ahlolang; lentswe leo ke le buileng, ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.

49. Hobane ha ke a ka ka bolela ke iqalla tsa ka, empa Ntate ya nthomileng ke yena ya nneileng taelo ya seo ke tla se bolela, le ya mokgwa oo ke tla se bolela ka wona.

50. Mme ke a tseba hobane taelo ya hae ke bophelo bo sa feleng; mme jwale, seo ke se bolelang, ke se bolela jwalokaha Ntate a mpoleletse sona.

Johanne 12