Johanne 12:25-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Ya ratang bophelo ba hae, o tla lahlehelwa ke jona; empa ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.

26. Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.

27. Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.

28. Ntate, tlotlisa lebitso la hao! Yaba lentswe le a tla le etswa lehodimong, la re: Ke se ke le tlotlisitse, mme ke tla nne ke le tlotlise!

29. Bongata bo emeng moo, hobane bo utlwe, ba re: Le dumile. Ba bang ba re: Lengeloi le buile le yena.

30. Jesu a araba, a re: Lentswe leo ha le a etsetswa nna, empa le etseditswe lona.

31. Jwale, e se e le kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lelekelwa ntle.

32. Mme nna, etlare hobane ke nyollwe lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.

33. A rialo a lekanya lefu leo a tla shwa ka lona.

34. Bongata ba mo araba, ba re: Rona re utlwile ka molao hore Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng, mme wena, o bolela jwang hobane e ka kgona Mora motho a nyollwe na? Mora motho eo ke mang?

35. Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.

36. Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, le tle le fetohe bana ba lesedi.Jesu a bolela taba tseo, a ntoo tloha, a ipatela bona.

37. Leha a ne a entse mehlolo e kalo pontsheng ho bona, ba ne ba sa dumele ho yena;

Johanne 12